SQLSTATE[HY000]: General error: 144 Table './aatc/tiger_page_view' is marked as crashed and last (automatic?) repair failedMankgane o tsomang ka mapheo - Dinonyana - Afrika Borwa

Bat Hawk
Mankgane o tsomang ka mapheo

© Per Holmen
Bat Hawk.

Lebitso

Mankgane o tsomang ka mapheo (Macheiramphus alcinus)

Tjhebahalo

Tse kgolo di sootho bo botsho kaofela, ntle le letheba le ka tlasa leihlo le lesweu. Bohare ba sefuba le qoqotho di tshweu, ka mola mahareng o ntsho. Mahlo a masehla bo phatsimang, karolo e ntsho e ka hodimo ho molomu, maoto le menoto a bolou le boputswa bo kganyang. Tse nyane di sootho haholo le matheba ho feta tse kgolo, ka mohatla o mmala o kganyang qalong ya masiba, e tshweu haholo sefubeng.

Dijo

E ja mankgane, dino, tse potlako le tse sa potlako, e eketsa ka nako e nngwe ka dinonyana tse nyane le dikonyana. Mme diphofu tsohle di nkwa ka lebelo le hodimo. Ha e kebe eye fatse ho tsoma, empa e keke ya emisa ho latella ho isa dijo kwaring eleng sebakeng sa yona.

Tswalo

Ha nako ya ho qotsa e qala, di tla lelekisana pela sebaka se tswallang, ka ho fofa ho lekantsweng jwalo ka la letletlerwane, ka nako e nngwe maoto a thetsana le ho pitikisana pontsheng. Di fofa ka dikamano e leng se kgahlang haholo, mme se etsahala ka lebelo le phahameng, ka nako eo di tlang sefateng sa sehlaha nonyana e tla fatshe, ka pele e fihele ho ya hodimo e phomole.
Sehlaha hangata se ahwa ho sona sefate seo e phomolang ho sona motsheare. Ka bobedi di ya aha empa e tshehadi e sebetsa hofeta e tona. Makala a kgaoha ka nako eo di fofang mme a ya shwa, a mangata a wela fatshe. E dula ele difateng hodimo, e aha ho dima lehlakore le leholo, empa ka nako tse ding mahareng a sefate. Ke se seholo, sebopeho se kaba maoto a 3 ya pele le 1 ho teba, ka senwelo se tibileng, ka nako e nngwe ha di ya tshwauwa, ha di tshwane le tsa nonyana tse tsonngwang. Ka bobedi di Bophirima le Afrika ka nako e nngwe di fuwama toropong tse nang le sephephete.
Ke tse tshehadi feela tse fuwamang, e dula haufi le sehlaha motsheare, e fofa ka nako e itseng feela. Thapama e tlohela sehala e fofe haufinyana, empa ha e dule e itsomela. Ha ngata e tona ke yana e e fepang ka sehalheng kapa haufi le sona. E fuwama kgwedi. E ntseng e hola ha ena le matsatsi a 35-40, di fepuwa ke batswadi ka bobedi, ha dile sehlaheng di fepuwa metsotso e 15-20 pele hoba lefifi. Nakong ena e fepuwa ka potlako metsotso e 3-4, motswadi o beya dijo qetellong ya sehlaha a fofe e kgutle ka pele ka tse ding. Dijo tseo e di tlelang madinyane ha ngata di kelelletsa dikokonyana.
Nakong ya kgolo e tshehadi e dula le ledinyane ka sehlaheng, empa bekeng ya ho qetela kapa matsatsi a 10 nakong eo ka bobedi di ka dula lekaleng la sefate sa sehlaha kapa haufi le sefate. Ledinyane le dula haufi le sehlaha nako e kgutswane ka mora kgolo. Dinonyana tsena di dula di behela ka nako tsohle, di hodisa ele nngwe dile pedi selemong.

Boitshwaro

Mankgane ha ngata o thotse, empa bosiu le pontshong e etsa modumo o hodimo wa molodi o robehileng wa ‘ki-kik-kik-kik-keeee’ kapa ‘kwiek-kwiek’. Modumo oo ke monynane bakeng sa boholo ba nonyana ena.
Ha di fofa e hlahella di le lefifi, mapheo a maholo, nonyana e sesame, e bonahala ka sebopeho sa phakwe e kgolo. Ha e phomotse sefateng e mmele o ntsho, qoqotho e tshweu ka mola o mahareng le mahlo a maholo a masehla a tswileng. Ntho e bohlokwa bophelong bakeng sa yona ke sebaka se bulehileng se nang le bomankgane, dino, dijo tse potlakileng le dikokonyana, tseo e ka di kenyang ka mapheong ha hole lefifi.
O ka e bona busiu e tsoma matamong, nokeng, metsing a phallang, lewatle, diporong tse entsweng ka tshepe le mehlweng e meholo haufi le meaho. Bophirima bo hole e rata molomung wa lejwe la mokwetla, mahahaheng a dulang di dihlaha tsa dinonyana. Ka baka la bodulo ba yona ke nonyana e sa fumaneheng haholo, empa e tlwaelehile haholo moo e fumanehang teng, eleng dinaheng tse hlaha le ditoropong. Ha feela dijo le sebaka sa tsona di fumaneha, e ka kgutlela nako e nngwe le e nngwe.
Ha e tsoma e dikoloha ka mokgwa wa kgutlo nne kapa sedikwadikwe sebakeng se kgethuweng, ha ngata ka lebelo le leholo, e shebile ka hodimo, ka fatshe le mahlakoreng ka bobedi. E tshwara mankgane e o je ebe e kwenye e ntse e fofa le dinonyna tse ding le dikokonyana, e di kwenye kaofela e ntse e fofa. E tshwara phofu ka maotong mme e kwenye kaofela. E tsoma halofo ya hora ka letsatsi Afrika, Bophirima e ja tse potlakileng ho feta mankgane.
Hore e kgone ho fumana tse lekaneng hore e phele e lokela honka tse ngata, tse nyane jwalo ka ha e di kwenya kaofela. Ha e rate ditholwana tsa mankgane, tseo boholo di leng teng dibakeng ka ho fapana moo di bomankgane ba leng teng, empa e ja bomankgane ba banyane le dinonyana. Motsheare di dula di sa tsitsinyehe difateng tse kgolo, e bang e tsitsinyeha ha se hangata e fofo nako e kgutswane. E fofa haholo nakong ya ho behela. Hanyane pele ho ba lefifi e ya tsoma ho fihlela ho fifala. E tsoma hape ka meso.

Moo di fumanehang

Di fimaneha Malaysia, borwa-bophirima ba New Guinea, le borwa ho Sahara Afrika, bodulong bo fapaneng ho tlowa lefifing la moru o tjhesang le mongobo ho ya morung o nang le seka komello.